1 Samuele 19:14-24 BIBELE (SSO89SO)

14. Saule a romela maqosa ho ya tshwara Davida, empa Mikale a re: “Davida o a kula.”

15. Saule a romela maqosa hore a yo bona Davida, a ba a re ho wona: “Le mo tlise kwano ka diphate tsa hae, ke tlo mmolaya!”

16. Eitse ha maqosa a kena ka ha Davida, a fumana modingwana wa lelapa o sametsweng mosamo wa boya ba dipodi, o robaditswe diphateng.

17. Saule a re ho Mikale: “Ke ka baka lang ha o nthetsitse tjee, o bile o tlohetse le sera sa ka se iketse, se phonyohile?”Mikale a re ho Saule: “O ile a re ho nna: <Ntlohele ke tsamaye, ho seng jwalo ke tla o bolaya!> ”

18. Yaba Davida o a phonyoha, o a baleha, a ba a ya fihla Rama, ho Samuele. A phetela Samuele tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Bo-Davida le Samuele ba tsamaya, ba ya phela Naiote.

19. Saule a tsebiswa, ha thwe: “Davida o Naiote.”

20. Jwale Saule a roma maqosa ho ya tshwara Davida. Ha maqosa a bona sehlopha sa baporofeta se ntse se porofeta, Samuele a se eteletse pele, Moya wa Modimo wa theohela hodima maqosa ao a Saule, mme le wona a porofeta.

21. Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.

22. Jwale Saule a ikisa Rama ka nama, a fihla sedibeng se seholo se Seku. A botsa, a re: “Bo-Samuele le Davida ba kae?”E mong a re: “Ba Naiote e Rama.”

23. A tloha moo, a ya Naiote e Rama. Yaba Moya wa Morena o theohela le hodima Saule, a tsamaya a ntse a porofeta, a ba a ya fihla Naiote e Rama.

24. Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a porofeta kapele ho Samuele. A qeta letsatsi leo lohle, le bosiu boo bohle, a paqame fatshe, a tsotse. Ke kahoo ho bileng le polelo e reng: “Na Saule le yena ke e mong wa baporofeta?”

1 Samuele 19