Ka bona bosiu boo Saule a romela maqosa ho ya lalla Davida tlung ya hae, e le hore a tle a mmolaye ka la hosasane. Empa Mikale, mohatsa Davida, a mo tsebisa taba ena, a re: “Haeba o ke ke wa baleha bosiung bona, hosasane o tla bolawa.”