8. Saule a halefa haholo, a se ke a thabiswa ke puo ena, mme a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tsa dikete, empa nna ba re ke bolaile ba dikete! Eba o sa saletswe ke eng, haese mmuso feela?”
9. Saule a honohela Davida ke hona, haesale ho tloha mohlang oo, ho ya ho ile.
10. Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.
11. Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.
12. Saule o ne a tshaba Davida, kahobane Morena o ne a ena le Davida, a furaletse Saule.
13. Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.
14. Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.
15. Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta.
16. Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele.
17. Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”
18. Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”
19. Yare ha Merabe, moradi wa Saule, a tshwanela ho newa Davida, yaba o newa Adariele wa Mehola, hore e be mosadi wa hae.
20. Jwale Mikale, moradi wa Saule, o ne a rata Davida. Batho ba bolella Saule, mme hoo ha mo thabisa.
21. Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”