1 Samuele 18:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.

4. Jonathane a hlobola seaparo seo a neng a se apere, a se nea Davida. A mo nea le baki e entsweng ka tshepe, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le leqhama la hae.

5. Hohle moo Saule a neng a roma Davida teng, o ne a atleha, hoo Saule a bileng a mo e etsa mookamedi wa bahlabani. Hona ha thabisa setjhaba sohle, le balaodi ba Saule ba mabotho.

6. Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo.

7. Basadi ba neng ba etsa motjeko ba ne ba bina, ba re:“Saule o bolaile ba hae ba dikete,Davida yenao bolaile ba kete tsa dikete.”

8. Saule a halefa haholo, a se ke a thabiswa ke puo ena, mme a re: “Ba re Davida o bolaile ba dikete tsa dikete, empa nna ba re ke bolaile ba dikete! Eba o sa saletswe ke eng, haese mmuso feela?”

9. Saule a honohela Davida ke hona, haesale ho tloha mohlang oo, ho ya ho ile.

10. Ka letsatsi le hlahlamang moya o ditshila, o tswang ho Modimo, wa theohela hodima Saule ka matla. Saule a halefa jwaloka lehlanya, a le ka tlung ya hae. Davida a letsa harepa ya hae jwalokaha a nne a etse ka matsatsi wohle, Saule yena a tshwere lerumo.

11. Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.

12. Saule o ne a tshaba Davida, kahobane Morena o ne a ena le Davida, a furaletse Saule.

13. Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.

14. Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.

15. Ha Saule a bona hore Davida o a atleha, a mo tshaba le ho feta.

16. Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele.

17. Saule a re ho Davida: “Merabe, moradi wa ka wa matsibolo, ke enwa, ke o nea yena hore e be mosadi wa hao. Feela wena o be mohlabani wa ka ya sebete, o lwane dintwa tsa Morena.” Ka pelong ya hae Saule o ne a re: “A se ke a bolawa ke nna, a mpe a bolawe ke Bafilesita.”

18. Empa Davida a re ho Saule: “Nna ke mang? Hona leloko la ka, kapa lelapa leso, ke eng moo naheng ya Iseraele, hoo nka bang mokgwenyana wa kgosi?”

19. Yare ha Merabe, moradi wa Saule, a tshwanela ho newa Davida, yaba o newa Adariele wa Mehola, hore e be mosadi wa hae.

1 Samuele 18