25. Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: <Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.> ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.
26. Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena, mme Davida a thabela hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Pele ho letsatsi la lenyalo,
27. Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.
28. Ha Saule a bona, a bile a tseba, hore Morena o na le Davida, le hore moradi wa hae Mikale o rata Davida,
29. a nna a eketsa ho tshaba Davida. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, Saule a hloya Davida.
30. Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.