1 Samuele 18:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. Jwale Mikale, moradi wa Saule, o ne a rata Davida. Batho ba bolella Saule, mme hoo ha mo thabisa.

21. Saule a re: “Ke tla mo nea Mikale, hore e tle e be leraba ho yena, Bafilesita ba tle ba mmolaye.” Saule a re ho Davida: “Kajeno lena, o tla ba mokgwenyana wa ka, ka baka la moradi wa ka wa bobedi.”

22. Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: <Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi.> ”

23. Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena. Yaba Davida o re: “Le bona e le ntho e ka etsahalang, ya hore ke be mokgwenyana wa kgosi, empa ke le mofutsana ya sa hlompheheng?”

24. Bahlanka ba Saule ba mmolella, ba re: “Davida o buile tjena le tjena.”

25. Yaba Saule o re: “Le tle le bolelle Davida tjena: <Kgosi ha e batle bohadi, e ipatlela feela maeko a lekgolo a Bafilesita, hore kgosi e iphetetse ho dira tsa yona.> ” Saule o ne a hopola hore hoo ho tla etsa hore Davida a bolawe ke Bafilesita.

26. Bahlanka ba kgosi ba tsebisa Davida ditaba tsena, mme Davida a thabela hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Pele ho letsatsi la lenyalo,

27. Davida a tsoha, a tsamaya le banna ba hae, a bolaya Bafilesita ba makgolo a mabedi. Davida a tlisa maeko a Bafilesita, a a nea kgosi, palo ya wona e feletse, hore e tle e be mokgwenyana wa kgosi. Jwale Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, hore e be mosadi wa hae.

28. Ha Saule a bona, a bile a tseba, hore Morena o na le Davida, le hore moradi wa hae Mikale o rata Davida,

29. a nna a eketsa ho tshaba Davida. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, Saule a hloya Davida.

30. Mahosana a Bafilesita a futuha, empa kamehla ha a ne a futuha, Davida o ne a a hlola ho feta balaodi bohle ba Saule, mme lebitso la hae la tuma haholo.

1 Samuele 18