1 Samuele 17:52-58 BIBELE (SSO89SO)

52. Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate, le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.

53. Ha bana ba Iseraele ba kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, ba fihla ba hapa tse ka diahelong tsa Bafilesita.

54. Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae.

55. E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?”Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”

56. Kgosi ya re: “Tsamaya o yo botsa hore na moshanyana eno ke mora wa mang.”

57. Ha Davida a kgutla ho tswa bolaya Mofilesita, Abinere a mo nka, a mo hlahisa kapele ho Saule, Davida a ntse a nkile hlooho ya Mofilesita ka matsoho.

58. Saule a re ho Davida: “O mora wa mang, wena mohlankana?”Davida a re: “Ke mora wa Jese, mohlanka wa hao wa Betlelehema.”

1 Samuele 17