1 Samuele 17:46-52 BIBELE (SSO89SO)

46. Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.

47. Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”

48. Eitse ha Mofilesita a ema, a etla, mme a atamela ho Davida, Davida a phakisa a mathela thekong ya ntwa, ho ya kgahlanyetsa Mofilesita eo.

49. Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!

50. Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.

51. Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo.Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.

52. Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate, le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.

1 Samuele 17