42. Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.
43. Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,
44. a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”
45. Yaba Davida o re ho Mofilesita: “O ntlela ka sabole, le ka lerungwana, le ka mophekapheka wa lerumo, empa nna ke tla ka lebitso la Morena wa mabotho, Modimo wa mara a Iseraele, ao o ntseng o a tlaka.
46. Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.
47. Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”
48. Eitse ha Mofilesita a ema, a etla, mme a atamela ho Davida, Davida a phakisa a mathela thekong ya ntwa, ho ya kgahlanyetsa Mofilesita eo.
49. Davida a kenya letsoho la hae ka kotleng ya hae, a ntsha lejwe, a le betsa ka letjeketjane, la bata Mofilesita phatleng. Lejwe leo la fohlotsa phatla ya Mofilesita, mme Mofilesita a re ka sefahleho fatshe polopoqo!
50. Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.
51. Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo.Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.
52. Jwale banna ba Iseraele le banna ba morabe wa Juda ba raoha, ba hlaba mokgosi, ba phaladisa Bafilesita ho ya fihla Gate, le dikgorong tsa Ekerone. Mahlatsipa a Bafilesita ba weleng a etsa mohoula ho tloha Shaaraime, ho ya fihla Gate, le ho ya fihla Ekerone.
53. Ha bana ba Iseraele ba kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, ba fihla ba hapa tse ka diahelong tsa Bafilesita.
54. Davida a nka hlooho ya Mofilesita, a e isa Jerusalema, empa dihlomo tsa Mofilesita tsona a di bea ka tenteng ya hae.
55. E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?”Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”
56. Kgosi ya re: “Tsamaya o yo botsa hore na moshanyana eno ke mora wa mang.”