1 Samuele 17:37-46 BIBELE (SSO89SO)

37. Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.”Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”

38. Saule a apesa Davida seaparo sa hae sa ntwa, a mo rwesa katiba e entsweng ka lethose, a nto mo apesa baki e entsweng ka tshepe.

39. Davida a tlamella sabole ya Saule hodima seaparo sa hae. A leka ho tsamaya, empa a hloleha, hobane o ne a sa tlwaela diaparo tsena. Davida a re ho Saule: “Ke sitwa ho tsamaya ka diaparo tsena, hobane ha ke a di tlwaela.” Yaba Davida o a di hlobola.

40. A nka molamu wa hae, a kgetha majwe a mahlano a boreledi ka nokaneng, a a kenya ka pataneng ya hae, e leng kotla ya hae, letjeketjane le le ka letsohong la hae, a nto atamela ho Mofilesita.

41. Mofilesita a nna a atamela ho Davida, mojari wa thebe ya hae a mo eteletse pele.

42. Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.

43. Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,

44. a re ho Davida: “Tloo kwano, ke tswe ke fepa dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ka nama ya hao!”

45. Yaba Davida o re ho Mofilesita: “O ntlela ka sabole, le ka lerungwana, le ka mophekapheka wa lerumo, empa nna ke tla ka lebitso la Morena wa mabotho, Modimo wa mara a Iseraele, ao o ntseng o a tlaka.

46. Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.

1 Samuele 17