29. Davida a re: “Ke entseng jwale? Na ha ke a tshwanela ho botsa?”
30. Davida a furalla Eliabe, a tadima ka ho e mong. A mmotsa yona potso eo a e botsitseng. Banna bao ba nna ba mo araba jwaloka pele.
31. Ha batho ba utlwa mantswe a Davida ba tsebisa Saule, mme yena a re Davida a bitswe.
32. Davida a re ho Saule: “Ho se be le ya mong ya nyahamang pelo ka baka le Mofilesita enwa. Nna, mohlanka wa hao, ke tla ya, ke yo lwantsha Mofilesita enwa!”
33. Empa Saule a re ho Davida: “O ke ke wa ba wa lwantsha Mofilesita eo, hobane o sa le moshanyana. Yena haesale e le mohlabani ho tloha botjheng ha hae.”
34. Yaba Davida o re ho Saule: “Mohlanka wa hao o alosa dinku tsa ntatae. Ha tau kapa bere e hlaha, mme e hlasinya konyana kahara mohlape,
35. ke ye ke e lelekise, ke e otle, ke pholose konyana e molomong wa yona. Ha tau eo, kapa bere eo, e ntwantsha, ke ye ke e tshware ka ditlena, ke e kgakgathe, ke e bolaye.
36. Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”
37. Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.”Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”