1 Samuele 17:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Baiseraele le Bafilesita ba thea theko ya ntwa, mabotho a tjamelana.

22. Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo.

23. Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.

24. Yare ha banna bohle ba Baiseraele ba bona monna eo, ba mmaleha, mme ba kenwa ke tshabo e kgolo.

25. Jwale banna ba Baiseraele ba re: “Na le bona monna eo ya nyolohelang kwano? Ruri o nyolohela ho tla tlaka Baiseraele. Kgosi e tla putsa monna ya ka mmolayang, e mo nee leruo le lengata. E tla mo nea le moradi wa yona, e be e ntshe lelapa labo monna eo lekgethong le tlamang Baiseraele.”

26. Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”

27. Banna ba mo araba ka ho pheta mantswe ao hape, ba re: “Ho tla etswa jwalo ho monna ya ka bolayang Mofilesita eo.”

28. Eliabe, moholwane wa hae, o ne a ntse a utlwa ha Davida a bua le banna bao. Bohale ba hae ba tlokomela Davida, mme a re: “O tlisitswe keng moo? Mohlatswana ola wa dinku o o siile le mang, kwa lehwatateng? Ke tseba boikakaso ba hao, le pelo ya hao e mpe! O tlile kwano feela hore o tlo shebella ntwa!”

1 Samuele 17