10. Mofilesita eo a boela a re: “Kajeno ke phephetsa mabotho a Baiseraele. Mpheng monna, re tlo lwana!”
11. Ha Saule le Baiseraele bohle ba utlwa mantswe a Mofilesita eo, ba tshoha, ba tshaba haholo.
12. Davida e ne e le mora wa Moeferata wa Betlelehema e Juda, eo lebitso la hae e neng e le Jese, ya neng a ena le bara ba robedi. Mehleng ya Saule, Jese o ne a se a tsofetse, e le e mong wa maqheku.
13. Bara ba Jese ba baholo, ba bararo, ba ne ba ile ntweng le Saule. Mabitso a bara bao ba hae ba bararo, ba neng ba ile ntweng, e ne e le Eliabe, letsibolo la hae, le Abinadabe ya mo hlahlamang, le Shamma, wa boraro.
14. Davida e ne e le yena wa ho fela. Baholwane ba hae ba bararo ba ne ba ile ntweng le Saule.
15. Davida o ne a ye a etele Saule, mme a boele a kgutlele Betlelehema ho ya alosa dinku tsa ntatae.
16. Mofilesita eo o ne a ye a tle hoseng ho hong le ho hong, le mantsiboya a mang le a mang, a nne a sasanke, mme hona a ho etsa ka matsatsi a mashome a mane.
17. Yaba Jese o re ho Davida, mora wa hae: “Nka dikilo tse leshome tsa koro e hadikilweng, le dinkgwa tse leshome, o phakise o di ise diahelong, ho bana beno.
18. Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.
19. Saule, le bana beno, le banna bohle ba Baiseraele, ba ntse ba lwana le Bafilesita ka kgohlong ya Ela.”
20. Davida a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a siya dinku le modisana e mong; a nka dijo, a tsamaya jwalokaha Jese a ne a mo laetse. A fihla diahelong tsa Baiseraele ka nako eo lebotho le neng le etswa, le eya lebaleng la ntwa. Lebotho le ne le ntse le hlaba mokgosi wa ntwa.
21. Baiseraele le Bafilesita ba thea theko ya ntwa, mabotho a tjamelana.
22. Davida a siya thoto ya hae matsohong a molebedi, a mathela thekong ya ntwa. Ha a fihla teng a dumedisa bana babo, a ba botsa bophelo.
23. Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.