5. Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.
6. Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.”
7. Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”
8. Yaba Jese o bitsa Abinadabe, a re a fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.”
9. Jese a re Shamma a fete kapele ho Samuele. Samuele a boela a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.”
10. Jese a re bara ba hae ba supileng ba fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re ho Jese: “Le ho bona bana Morena ha a ya kgetha.”
11. Samuele a re ho Jese: “Na ha o sa na bara ba bang?”Jese a re: “Wa ho fela o sa le teng, feela yena ke modisana wa dinku.”Samuele a re ho Jese: “Roma motho a yo mo lata, hobane re ke ke ra ba ra ja a eso ka a fihla mona.”
12. Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha.Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.”