1 Samuele 16:2-7 BIBELE (SSO89SO)

2. Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!”Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: <Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.>

3. Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”

4. Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”

5. Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.

6. Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.”

7. Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”

1 Samuele 16