12. Jese a roma motho ho mo lata, mme a tla le yena. O ne a le mosehla ka lebala, mahlo a hae a le matle, sebopeho sa hae se kgahleha.Jwale Morena a re: “Ema, o mo tlotse, hobane enwa ke yena.”
13. Samuele a nka lenaka la ole, mme a mo tlotsa bana babo ba ntse ba le teng. Ho tloha ka letsatsi leo, ho ya pele, Moya wa Morena wa theohela hodima Davida ka matla. Yaba Samuele o a tsamaya, o boela Rama.
14. Jwale Moya wa Modimo o ne o se o tlohile ho Saule, mme moya o ditshila, o rometsweng ke Morena, o mo tshwenya.
15. Yaba bahlanka ba Saule ba re ho yena: “Bona, moya o ditshila, o tswang ho Morena, o a o tshwenya.
16. Monghadi wa rona, ako laele hore rona bahlanka ba hao, ba nang le wena mona, re batle monna eo e leng seletsi sa sebele sa harepa, e le hore ha moya ona o ditshila, o tswang ho Modimo, o o fihlela, a tle a e letse, ebe o a hlaphohelwa.”
17. Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng monna ya tsebang ho letsa hantle, le mo tlise ho nna mona.”
18. E mong wa bahlankana a araba, a re: “Ke bone mora wa Jese wa Betlelehema, ya tsebang ho letsa harepa hantle. Ke monna wa senatla, le mohlabani ya sebete, ebile ke kgeleke ha a bua. Ke monna ya sebopeho se kgahlehang, mme Morena o na le yena.”
19. Saule a romela maqosa ho Jese, a re: “Nthomelle Davida, mora wa hao, eo e leng modisana wa dinku.”
20. Jese a nka tonki e belesitsweng bohobe, le lekuka la veine, le potsanyane, mme a roma mora wa hae Davida ho di isetsa Saule.
21. Davida a fihla ho Saule, a ema kapele ho yena. Saule a mo rata haholo, mme ya eba yena mojari wa dihlomo tsa Saule.
22. Saule a romela molaetsa ho Jese, a re: “Ke a o rapela: Ako dumelle Davida hore a dule le nna, a ntshebeletse, hobane ke a mo rata.”
23. E ne e ye ere ha moya o ditshila, o tswang ho Modimo, o fihletse Saule, Davida a nke harepa, a e letse, ebe Saule o a hlaphohelwa, o phela hantle; moya o ditshila oo ebe o tswa ho Saule.