1. Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”
2. Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!”Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: <Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.>
3. Ebe o bitsetsa Jese sehlabelong sena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa. O tla ntlotsetsa eo ke tla o bolella yena.”
4. Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”
5. Yaba Samuele o re: “E, ke tlile ka kgotso, ho tla etsetsa Morena sehlabelo. Itlhwekiseng, le tle le nna sehlabelong.” A hlwekisa Jese le bara ba hae, a ba bitsetsa sehlabelong.
6. Ha ba se ba fihlile, Samuele a bona Eliabe, mme a re: “Ruri motlotsuwa wa Morena ke enwa kapele ho Morena.”
7. Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”
8. Yaba Jese o bitsa Abinadabe, a re a fete kapele ho Samuele, empa Samuele a re: “Le enwa Morena ha a ya mo kgetha.”