1 Samuele 15:5-14 BIBELE (SSO89SO)

5. Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong.

6. Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.

7. Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta.

8. Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.

9. Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.

10. Morena a bua ho Samuele, a re:

11. “Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.

12. Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”

13. Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”

14. Samuele a re: “Ho lla hoo ke ho utlwang ha dinku le ha dikgomo, ho bolelang?”

1 Samuele 15