27. Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha.
28. Samuele a re ho Saule: “Ka letsatsi lena, Morena o hahotse mmuso wa Iseraele matsohong a hao, mme o o neile e mong ya lokileng ho o feta.
29. Modimo, e leng tlotla ya Iseraele, a ke ke a bua leshano, kapa a fetola maikutlo a hae. Yena hase motho, hoo a ka fetolang maikutlo a hae.”
30. Yaba Saule o re: “Ke sitilwe! Leha ho le jwalo ke a o rapela: Ako ntlotle moo baholo ba setjhaba sa ka ba leng teng, le moo Baiseraele ba leng teng, mme o kgutle le nna, e le hore ke tle ke yo kgumamela Morena.”
31. Yaba Samuele o kgutla le Saule, mme Saule a kgumamela Morena.
32. Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.”Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”