1 Samuele 15:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta.

3. Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.> ”

4. Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome.

5. Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong.

6. Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.

7. Saule a hlola Baamaleke ho tloha Hafila, ho ya fihla Shure, ka botjhabela ho Egepeta.

8. Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.

9. Empa bo-Saule le setjhaba ba hauhela Akake, ba qenehela le dinku tse ntlentle, le dikgomo le tse hlahlamang tseo ka botle, le dikonyana, le tsohle tse ntle, mme tsena ba se ke ba rata ho di bolaya ho hang. Empa diphoofolo tsohle tse se nang thuso, tse tsiapang, tsona ba di bolaya ho hang.

10. Morena a bua ho Samuele, a re:

11. “Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.

12. Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”

13. Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”

14. Samuele a re: “Ho lla hoo ke ho utlwang ha dinku le ha dikgomo, ho bolelang?”

15. Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”

1 Samuele 15