15. Saule a re: “Banna ba di nkile ho Baamaleke, hobane batho ba ile ba qenehela tse ntlentle tsa dinku le tsa dikgomo, e le hore ba tle ba etsetse Morena Modimo wa bona, sehlabelo. Tse ding tsona re di bolaile ho hang.”
16. Yaba Samuele o re ho Saule: “Bea butle; ke tla o bolella seo Morena a se buileng ho nna bosiung bona.”Saule a re ho Samuele: “A ko bue!”
17. Samuele a re: “Ha ke re o hlooho ya merabe ya Iseraele, le hoja wena o itadima o le e monyenyane? Morena o o tlotsitse hore o be kgosi ya Iseraele.
18. Morena o ile a o roma, a re: <Tsamaya, o yo timetsa baetsadibe bao ho hang, e leng Baamaleke; o ba lwantshe ho fihlela ba fela tu!>
19. Jwale ke hobaneng o sa kang wa mamela lentswe la Morena, yaba o se o wela kgapo ka mahlo a matsho, mme wa etsa ho hobe mahlong a Morena?”
20. Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke, tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang.
21. Empa ho tse hapilweng, tse neng di tshwanetse ho timetswa, banna ba ile ba inkela dinku le dikgomo tse ntlentle, ho tla etsetsa Morena Modimo wa hao, sehlabelo mona Gilegale.”
22. Samuele a re:“Na Morena o kgahlwake nyehelo tsa setjheso,na o kgahlwale ke wona mahlabelo,jwalokaha a kgahlwake ho mamela taelo ya hae?ho ikokobetsa ho molemoho feta sehlabelo,ho mamela ho molemoho feta mafura a dipheleu.
23. Ho fetohela Morena ke sebese kang boloi,manganga ke sebese kang ho rapela medimo esele.Kahobane o furaletsetaelo ya Morena,le yena o o furaletsehore o se be kgosi!”
24. Saule a re ho Samuele: “Ke sitilwe, hobane ke tlotse taelo ya Morena, le ditaelo tsa hao ke di furaletse. Ke ile ka tshaba setjhaba, mme ka mamela lentswe la sona.
25. Ka baka leo, ke a o rapela: Ntshwarele sebe sa ka, mme o kgutle le nna, ke yo kgumamela Morena.”
26. Samuele a re ho Saule: “Nke ke ka kgutla le wena, hobane wena o furaletse taelo ya Morena; le Morena o se a o furaletse hore o se be kgosi ya Iseraele.”
27. Ha Samuele a reteleha, a tsamaya, Saule a tshwara qola ya kobo ya hae, mme ya taboha.