1. Samuele a re ho Saule: “Morena o ile a nthoma hore ke o tlotse, o be kgosi ya setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, ka baka leo, mamela mantswe a Morena.
2. Morena wa mabotho o bua tjena: <Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta.
3. Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.> ”
4. Yaba Saule o bitsa setjhaba, mme o se bala se le Telaime. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a mabedi; ba morabe wa Juda e le banna ba dikete tse leshome.
5. Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong.