6. Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”
7. Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.”
8. Jwale Jonathane a re: “Bona, re tla fetela ho banna bao, mme re etse hore ba re bone.
9. Haeba ba ka re ho rona: <Emang moo, ho fihlela re etla ho lona,> re tla ema themelele! moo re leng teng, mme re ke ke ra nyolohela ho bona.
10. Empa haeba ba ka re ho rona: <Nyolohelang ho rona,> re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.”
11. Bobedi ba bona ba etsa hore Bafilesita ba laletseng ba ba bone, mme Bafilesita ba re: “Bonang, Baheberu ke bao, ba tswa mafarung ao ba neng ba ipatile ho wona!”
12. Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!”Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”
13. Jonathane a nyoloha a kgasa, mojari wa dihlomo tsa hae a mo latetse. Bafilesita ba ketoha kapele ho Jonathane, mme mojari wa dihlomo tsa hae, ya mo latetseng, a ba qetela.
14. Ena e bile polao ya pele e ileng ya etswa ke Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae. Ba bolaya banna ba ka bang mashome a mabedi, ba le sebakaneng se bonamo ba halofo ya akere.
15. Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.
16. Bo-modulaqhowa ba Saule ba Gibea e Benjamine ba lebella, mme ba bona letshwele le nyamela, le phasaphasa.