42. Saule a re: “Kgetha ka lotho pakeng tsa ka le Jonathane, mora wa ka.” Lotho la supa Jonathane.
43. Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!”Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.”
44. Saule a re: “Jonathane, haeba ruri o sa shwe, Modimo a mpolaye!”
45. Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.
46. Saule a kgaotsa ho phaladisa Bafilesita, mme Bafilesita ba ikela ha habo bona.
47. Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.
48. A lwana ka bonatla, a hlola Baamaleke, a namolela Baiseraele matsohong a ba ba senyetsang.
49. Bara ba Saule e ne e le Jonathane, le Jishefi, le Malekishuwa. Mabitso a baradi ba hae ba babedi e ne e le ana: Lebitso la wa matsibolo e ne e le Merabe, la e monyenyane e le Mikale.
50. Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule.
51. Kishe, ntata Saule, le Nere, ntata Abinere, e ne e le bara ba Abiele.
52. Ka nako yohle ya ho phela ha Saule ho ne ho ena le dintwa tse tshabehang pakeng tsa Saule le Bafilesita. Ha Saule a bona mohlabani ya matla, kapa ya sebete, o ne a ye a mo kenye mabothong a hae.