1 Samuele 14:34-45 BIBELE (SSO89SO)

34. Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: <Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi.> ”Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo.

35. Saule a hahela Morena aletare. Ya eba yona aletare ya pele eo a e hahelang Morena.

36. Yaba Saule o re: “A re theoheleng ho Bafilesita, re ba phaladise ho fihlela bosiu bo esa. Re hape dintho tsa bona, mme re se ke ra siya monna le ya mong wa bona.”Setjhaba sa re: “Etsa seo wena o bonang se lokile.”Jwale moprista a re: “A re atameleng mona, pela Modimo.”

37. Saule a kopa keletso ya Modimo, a re: “Na nka theoha, ka phaladisa Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a Baiseraele?” Empa ka letsatsi leo Modimo a se ke a mo araba.

38. Yaba Saule o re: “Atamelang mona, lona baetapele bohle ba setjhaba, e le hore le tlo batlisisa, mme le be le fumane ka letsatsi lena, hore na sebe sena se bile hokae.

39. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, yena ya namolelang Iseraele, hore leha e ka ba Jonathane, mora wa ka, ruri o tla shwa.” Empa ha se ke ha eba le ya mong wa setjhaba sohle ya ileng a mo araba.

40. Yaba Saule o re ho Baiseraele bohle: “Emang ka lehlakoreng le leng! Rona, le mora wa ka Jonathane, re tla ema ka ho le leng!”Setjhaba sa re ho Saule: “Etsa seo wena o bonang se lokile.”

41. Saule a re ho Morena Modimo wa Iseraele: “Ke hobaneng, kajeno, o sa kang wa araba mohlanka wa hao? Haeba ke nna ya phoso, kapa ke mora wa ka Jonathane, oho, Morena Modimo wa Iseraele, ahlola ka lejwe la Urime; athe haeba ke setjhaba sa Iseraele se phoso, teng o ahlole ka lejwe la Thumime.” Lotho la supa Jonathane le Saule, mme setjhaba sa lokoloha.

42. Saule a re: “Kgetha ka lotho pakeng tsa ka le Jonathane, mora wa ka.” Lotho la supa Jonathane.

43. Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!”Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.”

44. Saule a re: “Jonathane, haeba ruri o sa shwe, Modimo a mpolaye!”

45. Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.

1 Samuele 14