1 Samuele 14:27-35 BIBELE (SSO89SO)

27. Empa Jonathane o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a hlaba kgekge ya dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la hae, a isa molomong, yaba mahlo a hae a a ela.

28. E mong wa banna ba setjhaba a re: “Ntatao o ile a hlapantsha setjhaba ka thata, a re: <Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno,> empa setjhaba sona se lapile!”

29. Jonathane a re: “Ntate o kentse setjhaba tsietsing! Ha le bone kamoo mahlo a ka a edileng kateng, hobane ke latswitse mahe a dinotshi hanyenyane!

30. Hoja kajeno setjhaba se ile sa itjella ka ho rata, tseo se di hapileng ho dira tsa sona, na Bafilesita re ka be re sa ba etsa mofela?”

31. Ka lona letsatsi leo, Baiseraele ba hlola Bafilesita, ho tloha Mikemase ho ya fihla Aiyalone, mme setjhaba se ne se lapile haholo.

32. Batho ba wela tseo ba di hapileng ka mahlo a matsho. Ba nka dinku, le dikgomo, le manamane, ba di hlaba, ba ja nama eo e ntse e dutla madi.

33. Jwale ha bolellwa Saule, ha thwe: “Bona, setjhaba se sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi!”Saule a re: “Le mahlabaphiyo! Phikolosetsang lejwe le leholo lena ho nna mona, hona jwale!”

34. Saule a boela a re: “Eyang, le kene hara setjhaba, mme le re ho sona: <Monna e mong le e mong a tlise pholo ya hae, le monna e mong le e mong a tlise nku ya hae, ba tlo di hlabela mona, ba je. Ba se ke ba sitelwa Morena ka ho ja nama e ntseng e dutla madi.> ”Bosiung bona boo, monna e mong le e mong wa setjhaba seo sohle a tlisa pholo ya hae. Ba di hlabela hona moo.

35. Saule a hahela Morena aletare. Ya eba yona aletare ya pele eo a e hahelang Morena.

1 Samuele 14