1 Samuele 14:15-25 BIBELE (SSO89SO)

15. Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.

16. Bo-modulaqhowa ba Saule ba Gibea e Benjamine ba lebella, mme ba bona letshwele le nyamela, le phasaphasa.

17. Saule a re ho batho bao a neng a ena le bona: “Balang bahlabani, le bone hore na ba siyo ho rona ke bo-mang.” Ba ba bala, mme ba fumana ba siyo e le Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae.

18. Saule a re ho Ahiya: “Tlisa areka ya Modimo mona.” Ka letsatsi leo areka ya Modimo e ne e le teng hara bana ba Iseraele.

19. Ha Saule a ntse a bua le moprista, pherekano ya nna ya eketseha diahelong tsa Bafilesita. Yaba Saule o re ho moprista: “Kgaotsa!”

20. Saule le banna ba neng ba ena le yena ba bokana, ba ikakgela ntweng. Ba fumana pherekano e le kgolo, Bafilesita ba hlabana ka disabole.

21. Baheberu bao pele ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilesita, mme ba ba ba nyolohela le bona diahelong, le bona bao ba fetohela Bafilesita, ba ya ka lehlakoreng la Baiseraele ba neng ba ena le Saule le Jonathane.

22. Banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ipatile naheng e maralla ya Efraime, ha ba utlwa hore Bafilesita ba a baleha, le bona ba ba hata direthe ntweng eo.

23. Ka letsatsi leo, Morena a namolela Baiseraele, mme ntwa ya ba ya ya feta Bete-Afene.

24. Ka letsatsi leo, banna ba Baiseraele ba ne ba lapile, empa Saule a hlapantsha setjhaba, a re: “Ho rohakehe monna ya tla ja dijo kajeno, pele ho phirima, mme ke eso iphetetse ho dira tsa ka.”

25. Setjhaba sohle sa naha eo sa fihla morung, mme sa fumana mahe a dinotshi a le hohle naheng.

1 Samuele 14