1 Samuele 14:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi le leng Jonathane, mora wa Saule, a re ho mohlankana ya jarang dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ba kamose wane.” Empa a se ke a tsebisa ntatae.

2. Saule o ne a le mathokong a Gibea, a dutse katlasa sefate sa kgarenate, se Migerone. Batho ba neng ba ena le yena e ne e ka ba banna ba makgolo a tsheletseng.

3. Ahiya, mora wa Ahitube, ngwanabo Ikabode, mora wa Finease ya tswalwang ke Eli, moprista wa Morena, wa Shilo, o ne a apere setipe. Banna ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o se a tsamaile.

4. Ka lehlakoreng le leng la lekgalo, leo Jonathane a neng a tshwanetse ho ya tswa ho lona, hore a tshelele ho bahlabani ba Bafilesita ba laletseng, ho ne ho ena le lefika le nang le lefaru, mme le ka lehlakoreng le leng hape ho ena le lefika le nang le lefaru. Lebitso la lefaru le leng e ne e le Bosese, lebitso la le leng e le Sene.

5. Lefaru le leng le ne le le ka leboya, le tobane le Mikemase, le leng le le ka borwa, le tobane le Geba.

6. Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”

7. Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.”

8. Jwale Jonathane a re: “Bona, re tla fetela ho banna bao, mme re etse hore ba re bone.

9. Haeba ba ka re ho rona: <Emang moo, ho fihlela re etla ho lona,> re tla ema themelele! moo re leng teng, mme re ke ke ra nyolohela ho bona.

10. Empa haeba ba ka re ho rona: <Nyolohelang ho rona,> re tla nyoloha, hobane Morena o tla be a neelane ka bona matsohong a rona, mme hona e tla ba sesupo ho rona.”

1 Samuele 14