1 Samuele 13:13-23 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.

14. Empa jwale mmuso wa hao o ke ke wa hlola o tswela pele. Morena o se a ipatletse motho eo a mo ratang. Morena o laetse motho eo hore e be kgosi ya setjhaba sa hae, hobane wena ha o a ka wa mamela seo Morena a o laetseng sona.”

15. Samuele a ema, a tloha Gilegale, a nyolohela Gibea e Benjamine. Saule a bala batho bao a neng a ena le bona, mme ya eba banna ba ka bang makgolo a tsheletseng.

16. Saule le mora wa hae Jonathane, le banna bao a neng a ena le bona, ba hlola Gibea e Benjamine, empa Bafilesita bona ba hloma Mikemase.

17. Banna ba futuhang ba tswa diahelong tsa Bafilesita, ba le dihlopha di tharo. Sehlopha se seng sa nka tsela e yang Ofera, naheng ya Shuale;

18. sehlopha se seng sa nka tsela e yang Bete-Horone, mme sehlopha sa boraro sa nka tsela e yang moeding o okametseng kgohlo ya Seboime, ka nqa lehwatateng.

19. Mehleng eo ho ne ho se na lelala le ka fumanwang naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesita ba ne ba re: “Baiseraele ba se tshohe ba iketsetsa disabole kapa marumo.”

20. Empa Baiseraele bohle ba ne ba ye ba ye ho Bafilesita, e mong le e mong a yo leotsa sekara sa hae, le sekele ya hae, le selepe sa hae, le peke ya hae.

21. Tefiso ya ho leotsa selepe le tsenene e ne e le silefera e etsang boima ba dikeramo tse ka bang nne, ya ho leotsa sekara le mohoma wa matsoho e ne e le tse ka bang robedi.

22. Ka baka leo, mohla letsatsi la ntwa, ho ne ho se na monna le ya mong wa banna ba neng ba ena le Saule le Jonathane, ya neng a tshwere sabole kapa lerumo letsohong la hae. E ne e le Saule le mora wa hae Jonathane feela ba neng ba ena le tsona.

23. Bahlabani ba Bafilesita ba ne ba laletse lekgalong la Mikemase.

1 Samuele 13