1 Samuele 12:5-19 BIBELE (SSO89SO)

5. Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.”Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”

6. Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.

7. Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.

8. “Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.

9. “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.

10. Ba ipiletsa ho Morena, ba re: <Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.>

11. Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.

12. “Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: <Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,> empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.

13. Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.

14. Haeba le ka tshaba Morena, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, la se ke la fetohela melao ya hae, mme lona le kgosi e le busang la latela Morena Modimo wa lona, le tla atleha.

15. Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.

16. “Ka baka leo, emang, le bone ntho ena e kgolo, eo Morena a tla e etsa moo le ntseng le bona.

17. Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”

18. Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo.

19. Yaba setlhaba sohle se re ho Samuele: “Rapella bahlanka ba hao ho Morena Modimo wa hao, hore re se ke ra shwa, hobane ka ho ikopela kgosi, re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.”

1 Samuele 12