4. Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.”
5. Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.”Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”
6. Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.
7. Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.
8. “Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.
9. “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.
10. Ba ipiletsa ho Morena, ba re: <Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.>
11. Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.
12. “Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: <Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,> empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.