1 Samuele 12:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.

16. “Ka baka leo, emang, le bone ntho ena e kgolo, eo Morena a tla e etsa moo le ntseng le bona.

17. Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”

18. Jwale Samuele a ipiletsa ho Morena, mme ka lona letsatsi leo Morena a romela diaduma le pula. Setjhaba sohle sa tshaba Morena le Samuele haholo.

19. Yaba setlhaba sohle se re ho Samuele: “Rapella bahlanka ba hao ho Morena Modimo wa hao, hore re se ke ra shwa, hobane ka ho ikopela kgosi, re ekeditse bobe bo bong hodima dibe tsohle tsa rona.”

20. Samuele a re ho setjhaba: “Le se ke la tshaba. Ruri, lona bohle, le entse bobe bona bohle. Empa le se ke la furalla Morena; le sebeletse Morena ka dipelo tsa lona tsohle.

21. Le se ke la kgeloha, la latela dintho tsa mafeela, tse ke keng tsa le thusa ka letho, kapa tsa le namolela, hobane ke mafeela.

22. Morena a ke ke a furalla setjhaba sa hae, ka lebaka la lebitso la hae le leholo, hobane Morena o ratile ho le etsa setjhaba sa hae.

1 Samuele 12