1 Samuele 12:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Bonang, ke mametse tsohle tseo le ileng la mpolella tsona. Ke le neile kgosi e tla le busa.

2. Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.

3. Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”

4. Setjhaba sa re: “Ha o eso ka o re qhekanyetsa, kapa o re hatella, kapa o amoha motho eng kapa eng.”

5. Samuele a re ho bona: “Kajeno Morena ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki ya hore ha le a fumana ke nkile letho.”Setjhaba sa re: “Morena ke paki!”

6. Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Morena ya ileng a kgetha Moshe le Arone, bona ba ileng ba nyolla bo-ntata lona naheng ya Egepeta, le yena ke paki.

7. Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.

8. “Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.

9. “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.

10. Ba ipiletsa ho Morena, ba re: <Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.>

1 Samuele 12