9. Ba re ho maqosa a tswang Jabeshe: “Le tle le re ho banna ba Jabeshe-Gileade: <Hosasane, ha letsatsi le le hloohong tsa mengala, le tla namolelwa.> ” Maqosa a kgutla, a bolella banna ba Jabeshe, mme bao ba thaba.
10. Banna ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Hosasane re tla tla ho wena, mme wena o tla re etsa sohle seo o bonang se lokile.”
11. Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho.
12. Setjhaba sa re ho Samuele: “Ke mang ya ileng a re: <Na Saule a ka fela a re busa?> Tlisang banna bao re ba bolaye!”
13. Empa Saule a re: “Ka letsatsi lena ha ho monna ya tla bolawa, hobane kajeno Morena o namoletse Baiseraele.”
14. Yaba Samuele o re ho setjhaba: “Tloong, re yeng Gilegale, re yo phatlalatsa hape hore Saule ke kgosi.”
15. Setjhaba sohle sa ya Gilegale, mme moo Morena a ntseng a bona, sa bea Saule hore e be kgosi. Sa etsetsa Morena mahlabelo a nyehelo ya teboho hona moo. Saule le banna bohle ba Iseraele ba nyakalla haholo.