1 Samuele 11:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”

2. Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.”

3. Baholo ba Jabeshe ba re ho yena: “Ako re nee matsatsi a supileng, e le hore re ke re romele maqosa naheng yohle ya Iseraele. Haeba ho se ya re namolelang, re tla ineela ho wena.”

4. Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla.

5. Bonang, Saule o ne a etswa masimong, a kganna dipholo, mme a re: “Setjhaba se jewa keng, ha se lla tjee?” Yaba setjhaba se mmolella ditaba tsa banna ba Jabeshe.

1 Samuele 11