1 Samuele 11:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”

2. Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.”

3. Baholo ba Jabeshe ba re ho yena: “Ako re nee matsatsi a supileng, e le hore re ke re romele maqosa naheng yohle ya Iseraele. Haeba ho se ya re namolelang, re tla ineela ho wena.”

1 Samuele 11