15. Rangwana Saule a re: “Ke a o kopa: Ako mpolelle seo Samuele a ileng a se bua ho wena.”
16. Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.
17. Samuele a memela Morena setjhaba, mane Misepa.
18. A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: <Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse.>
19. Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: <Tjhe, re kgethele kgosi.> Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”
20. Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine.
21. Morabe wa Benjamine wa atametswa ka malapa a wona, mme ha kgethwa lelapa la morabe wa Matiri. Jwale ha atametswa banna ba lelapa la Matiri ka bomong, mme ha kgethwa Saule, mora wa Kishe. Ba mmatla, empa ba se ke ba mo fumana.
22. Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?”Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.”
23. Ba matha, ba mo lata hona moo. A ema hara setjhaba, a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla.
24. Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?”Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”
25. Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.
26. Saule le yena a ya ha hae, Gibea, mme bahlabani bao Morena a neng a ba kentse moyeng ba tsamaya le yena.
27. Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.