6. Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.
7. Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.
8. Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”
9. Yare hoba ba je, mme ba nwe, ha ba le Shilo, Anna a ema. Moprista Eli o ne a dutse setulong se pela monyako wa Tempele ya Morena.
10. Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko.
11. A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”
12. Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae.
13. Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe.
14. Yaba Eli o re ho yena: “O tla tahwa ho fihlela neneng? Ako hlaphohelwe botahweng bona ba hao!”
15. Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.
16. O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.”
17. Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”