21. Jwale monna wa hae Elekana, hammoho le bohle ba lelapa la hae, a nyoloha ho ya nyehella Morena ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng, le ho phetha kano ya hae.
22. Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”
23. Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.
24. Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane.
25. Ba hlaba e nngwe ya dipohwana, mme ba isa moshanyana ho Eli.
26. Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.
27. Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena.
28. Ka baka leo, le nna ke mo abela Morena. Ke mo abetse Morena ka matsatsi wohle a bophelo ba hae.” Yaba ba kgumamela Morena hona moo.