1 Samuele 1:15-26 BIBELE (SSO89SO)

15. Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.

16. O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.”

17. Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”

18. Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.

19. Bo-Elekana le Anna ba tsoha ka madungwadungwana, ba kgumamela Morena, ba kgutla, mme ba fihla tlung ya bona e Rama. Elekana a kena dikobong tsa Anna, mohatsa hae, mme Morena a mo hopola.

20. Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”

21. Jwale monna wa hae Elekana, hammoho le bohle ba lelapa la hae, a nyoloha ho ya nyehella Morena ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng, le ho phetha kano ya hae.

22. Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”

23. Yaba Elekana, monna wa hae, o re ho Anna: “Etsa seo o bonang se lokile, o emele ho fihlela o mo kgwesitse. Feela eka Morena a ka etsa hore o phethahatse kano ya hao.” Yaba Anna o itulela hae, o hodisa mora wa hae ho fihlela a ba a mo kgwesa.

24. Ha Anna a se a kgwesitse Samuele, a nyoloha le yena a kganna dipohwana tse tharo, a nkile phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse leshome, le lekuka la veine, a mo isa ka tlung ya Morena e Shilo. Moshanyana eo o ne a sa le monyenyane.

25. Ba hlaba e nngwe ya dipohwana, mme ba isa moshanyana ho Eli.

26. Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.

1 Samuele 1