13. Anna o ne a rapela ka pelo, a ntse a bebenya melomo feela, empa lentswe la hae le sa utlwahale. Ka baka leo, Eli a hopola hore mosadi eo o tahilwe.
14. Yaba Eli o re ho yena: “O tla tahwa ho fihlela neneng? Ako hlaphohelwe botahweng bona ba hao!”
15. Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.
16. O se ke wa tadima lekgabunyane la hao e le mosadi ya kgopo, hobane ho fihlela jwale ke ntse ke buiswa ke masisapelo a ka le matshwenyeho a ka.”
17. Eli a mo araba, a re: “Tsamaya ka kgotso! Eka Modimo wa Iseraele a ka o nea seo o se kopileng ho yena!”
18. Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.