1. Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.
2. O ne a ena le basadi ba babedi. Lebitso la wa pele e ne e le Anna, la wa bobedi e le Peninna. Peninna o ne a ena le bana, empa Anna yena o ne a se na bana.
3. Ka selemo se seng le se seng monna eo o ne a ye a tlohe motseng wa habo, a ye Shilo ho ya kgumamela Morena wa mabotho, le ho mo etsetsa sehlabelo. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, e ne e le baprista ba Morena.
4. Ka letsatsi leo Elekana a neng a etsa sehlabelo ka lona, o ne a ye a nee mohatsa hae Peninna, le bara le baradi ba hae bohle, diabo tsa sehlabelo.
5. Empa Anna yena o ne a ye a mo fe diabo tse pedi, hobane o ne a mo rata, le hoja Morena a ne a mo timme thari.
6. Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.
7. Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.
8. Jwale Elekana, monna wa Anna, a re ho yena: “Anna, o llelang? Ke hobaneng ha o sa je? Ke hobaneng ha pelo ya hao e le bohloko? Na nna ha ke ntho ya bohlokwa ho wena ho feta bara ba leshome?”
9. Yare hoba ba je, mme ba nwe, ha ba le Shilo, Anna a ema. Moprista Eli o ne a dutse setulong se pela monyako wa Tempele ya Morena.
10. Moya wa Anna o ne o tshwenyehile haholo; yaba o rapela Morena, o lla habohloko.
11. A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”