1 Petrose 5 BIBELE (SSO89SO)

Ho alosa mohlape wa Modimo

1. Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.

2. Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.

3. Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.

4. Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.

5. Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane:“Modimo o lwantshaba ikgohomosang,athe baikobobetsio a ba hauhela.”

6. Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.

7. Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.

8. Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.

9. Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle.

10. Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.

11. Ho yena e ke e be matla kamehla yohle. A ho be jwalo!

Ditumediso tsa ho qetela

12. Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka thuso ya Silefanose, eo ke mo tadimang e le ngwanabo rona ya tshepahalang, ho le kgothatsa le ho paka hore mohau ona ke wona wa nnete, wa Modimo. Tiisetsang ho wona.

13. Kereke e Babilona, e kgethilweng jwaloka lona, e a le dumedisa; le yena Mareka, ngwana ka, o a dumedisa.

14. Dumedisanang ka kako e halalelang.Kgotso e ke e be le lona bohle ba leng ho Kreste.