9. E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.
10. Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.
11. Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!
12. Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.
13. Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.
14. Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.
15. Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.
16. Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.
17. E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?
18. “Haesita le ya lokilenga pholoha ka thata,monyefodi le moetsadibeba tla fella kae?”