1 Petrose 4:2-15 BIBELE (SSO89SO)

2. e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo.

3. Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng.

4. Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa.

5. Ba tla ikarabella ho ya seng a loketse ho ahlola ba phelang le ba shweleng.

6. Ke kahoo le bona bafu ba ileng ba phatlalletswa molaetsa o molemo, e le hore, leha ka nqeng ya botho ba se ba ahlotswe jwaloka batho bohle, ka nqeng ya moya ba tle ba phelele Modimo.

7. Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.

8. Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.

9. E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.

10. Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.

11. Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!

12. Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.

13. Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.

14. Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.

15. Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.

1 Petrose 4