1 Petrose 4:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.

13. Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.

14. Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona.

15. Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.

16. Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo.

17. E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?

18. “Haesita le ya lokilenga pholoha ka thata,monyefodi le moetsadibeba tla fella kae?”

19. Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.

1 Petrose 4