1 Petrose 3:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.

16. Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.

17. Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe.

18. Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;

19. a ba a ya phatlalletsa meya e tjhankaneng molaetsa o molemo.

20. Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.

21. Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste,

22. ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.

1 Petrose 3