1 Petrose 3:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse,

2. ka ho hlokomela metsamao ya lona e hlwekileng, e hlomphehang.

3. Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi.

4. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.

5. Mehleng ya kgale basadi ba halalelang, ba neng ba tshepile Modimo, ba ne ba ikgabisa ka ho ikokobeletsa banna ba bona.

6. Mohlala ke Sara ya neng a mamela Aborahama, mme a mmitsa “Monga ka”. Lona le fetohile baradi ba hae ka ho etsa tse ntle, le se na tshabo efe kapa efe.

7. Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.

8. Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.

9. Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:

10. “Ya ratang ho phela,le ho bona matsatsi a thabo,a tshware leleme la haeho bua tse mpe,le molomo wa haeho bua thetso.

11. A furalle bobe, a etse botle,a batle kgotso, a e pheelle,

12. hobane mahlo a Morenaa tadima ba lokileng,le ditsebe tsa haedi mamela thapelo tsa bona;sefahleho sa hae se sosobanese sosobanetse ba etsang bobe.”

13. Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?

14. Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana,

1 Petrose 3