1 Petrose 2:20-25 BIBELE (SSO89SO)

20. Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.

21. Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.

22. Ha a a ka a etsa sebe,le thetso ha e a ka ya tswamolomong wa hae.

23. Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.

24. Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

25. Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.

1 Petrose 2