1. Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle.
2. Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong,
3. ha feela le latswitse molemo wa Morena.
4. Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa.
5. Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;
6. etswe Mangolo a re:“Sione ke bea lejwe la mantlha,le kgethehileng, la bohlokwa,mme ya dumelang ho lonaha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
7. Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe:“Lejwe le lahlilweng ke dihahi,le fetohileng lejwe la mantlha,
8. ke lejwe le tla ba kgopa,lefika le tla ba thula.”Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.
9. Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.
10. Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.
11. Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.
12. Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.